Menu
Cart 0
Via Afrika Sesotho Home Language Grade 12 Learner's Book (Printed book.)

Via Afrika Sesotho Home Language Grade 12 Learner's Book (Printed book.)

  • R 259.90
  • Save R 31


Kereite ya 12, ke kgato ya bohlokwa ka ho fetisisa tlasa mabaka a mangata. Le leng la ona ke hobane haufinyane o tla be o kena lefatsheng la mosebetsi kapa o ntshetsa pele thuto ya hao. Ho tseba Puo ya Lapeng hantle, ho tla o thusa haholo ntshetsopeleng ya hao. O tla utlwisisa dintho ka ho feletseng le ho kena dipuisanong ka sebete. O tla kgona ho bua ka mehopolo ya hao ka bokgeleke, ho ikgokahanya le batho ba bang, ho iketsetsa menyetla le ho imatlafatsa bakeng sa menyetla ya mosebetsi. Hape, ho bohlokwa ho hopola hore ntho e kgolo e etsang hore Aforika Borwa e be naha e hlaheletseng ka mahetla le e ikgethang, ke hobane e na le dipuo le ditso tse ngata tse fapaneng – tsena kaofela di bohlokwa ho lekana ho hlalosa seo setjhaba sa rona se leng sona. Bokgoni ba hao ba ho itlhalosa hantle, bo etsa hore o fetohe moemedi wa puo le setso sa heno, mme buka ena e na le ntho e nngwe le e nngwe eo o e hlokang, e le hore o ntlafatse tsebo ya hao dikarolong tsohle tse hlokahalang. Lefatshe le ahlame. Etsa hore lentswe la hao le utlwahale!.

We Also Recommend