
Lehae la ka
Padiso ena ke e nngwe ya lenaneo la dipadiso, dibukakgolo, buku ya dipale le buka ya titjhere tsa Mophato wa R tse hlahisitsweng ke Bahatisi ba iLima. Dipadiso tsena di thehilwe hodima Setatamente sa Kharikhulamo ya Setjhaba mmoho le Setatamente sa Pholisi sa Lenaneothuto le Tekanyetso seo barutwana bohle ba dikolong tsa Afrika Borwa ba rutwang ho le latela.
Dipadiso tsena di:
- Hlahisa mefutafuta ya dipale tseo bana ba nang le kgahleho ho tsona
- Hlahisa dipale tse amanang le bophelo le boitemohelo ba bana
- Hlahisa dipale tseo ho tsona bana ba ka ithutang dintho tse fapaneng, e le tse nepahetseng, mabapi le tsa bophelo
- Neha barutwana sebaka sa ho ithuta le ho ithabisa ka ho bala
- Lemosa morutwana le ho mo ruta medumo, ditlhaku, mantswe le dipolelo
- Ruta morutwana ka sebopeho sa polelo e ngolwang, ka kakaretso
Ka ho bala padiso ena, le tse ding lenaneng la dipadiso tsa Mophato wa R tsa Bahatisi ba iLima, barutwana ba tla fumana motheo wa dithuto wa ho bala, mme ba tla hola ka lerato la ho bala.
We Also Recommend