
Via Afrika Sesotho Home Language Grade 9 Learner's Book (Printed book.)
Thutong e nngwe le e nngwe eo o ithutang yona sekolong, ka mehla ho na le monyetla wa ho eketsa tsebo le ho ntlafatsa bokgoni ba boitsebelo ba hao. Buka ena e tla o thusa ho ntshetsa pele bokgoni ba boitsebelo ba puo ho Puo ya hao ya Lapeng. E tla o thusa ho ipopela ka tsela eo o batlang ka yona, le ho kopana le batho ba bangatanyana mme o iketsetse menyetla e metjha. O ka nna wa rata le ho fumana mosebetsi o kgothatsang jwaloka mohlahisi wa ditaba, mongodi kapa sebini – mesebetsi ena yohle e itheha ka tshebediso e hlwahlwa ya puo. Leha eba ha o jwalo, o tla nne o fumane hore ho tseba puo ya heno hantle ho tla o thusa haholo ka tsela efe kapa efe eo o e kgethang. Ananela boiteko bo botjha.
We Also Recommend